Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 33:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Naha e bofifing, e swabile; Lebanone o swabile, o omeletse; Sharone o tshwana le lefeella, Bashane le Karmele ba foforeha mahlaku.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Naha e omeletse, e ponne, Lebanone e swabile, e a pona, Sharone e fetohile lehwatata, Bashane le Karamele di hlohloreha mahaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 33:9
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O jwaloka sefate sa morara se lahlang ditholwana tsa sona di sa le tala, le jwaloka mohlwaare o hlohlorang dipalesa tsa wona.


O tla rema boteteano ba moru ka tshepe, Lebanone o tla dihuwa ke Ya matla.


Esita le tsona dikipresse di thabetse tshenyeho ya hao, le dikedare tsa Lebanone, di re: Haesale o robala, ha ho ya tlileng ho re rema.


Le behetswe ho kokobetsa dikedare kaofela tsa Lebanone tse telele kaofela, tse phahameng, le dieike tsohle tsa Bashane,


Bonang, Jehova o ya hlobodisa lefatshe, a le etse nahathothe, a le senye sebopeho, a qhalanye baahi ba lona.


Ke ntoo tla tsietsa Ariele; motse o tla tlala dillo le mefehelo, mme ho nna e tla ba ntho e kang Ariele (aletare kapa tau ya Modimo).


Dikgoro tsa Jerusalema di tla lla, di be di bokolle; o tla dula fatshe a fetohile lesupi.


A tla mela dipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole difela tsa hlolo; a tla fuwa kganya ya Lebanone le menono ya Karmele le ya Sharone; batho ba tla bona kganya ya Jehova le boholo ba Modimo wa rona.


O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.


Lehwatata la Sharone e tla ba meraka ya manku, kgohlo ya Akore e be makgulo a makgomo a setjhaba sa ka se mpatlileng.


Ke tla busetsa Iseraele leahong la hae; o tla nne a alohele Karmele le Bashane, moya wa hae o kgore le thabeng ya Efraime le Gileade.


Ka baka leo, lefatshe le a lla, le batho ba ahileng ho lona ba tepeletse, le tsona diphoofolo tsa naha le dinonyana tsa lehodimo; esita le dihlapi tsa lewatle di a timela.


A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.


Disa setjhaba sa hao ka lere la hao, e leng dinku tsa lefa la hao tse ahileng di nnotshi morung o hara Karmele; a di ke di alohele Bashane le Gileade, jwaloka mohla monene!


O kgalemela lewatle, le be le monyele; o pshesa dinoka kaofela. Ho ponne Bashane le Karmele, le palesa ya Lebanone e ponne.


Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba mmona, ba ba ba sokolohela ho Morena.


Motsotsong oo, ra nka metse yohle ya hae; ha ho motse oo re sa kang ra o hapa; ra nka metse e mashome a tsheletseng, naha yohle ya Argobe, ke ho re, mmuso wa Oge, morena wa Bashane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ