Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 33:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mehalana ya hao, Assiria e hlephile, ha e tiise sefate sa sekepe sa hao, leha e le seile e fanyehilweng ho sona; mohlang oo, letlotlo le mesebetsi e mengatangata ya kgapo e tla arolwa, esita dihlotsa le tsona di tla abelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Thapo tsa sekepe sa hao di hlephile, ha di sa tiisa thupa e tshwereng diseile, diseile di se di sitwa ho thathalla. Kgapo e ngata e tla arolelanwa, esita le dihlotsa di tla fumana seabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 33:23
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sa tswa, sa phahla diahelo tsa Basiria. Ya eba moo tekanyo e le nngwe ya phofo e ntle e rekang shekele e le nngwe, le tekanyo tse pedi tsa harese di rekang shekele, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Balepera bao ha ba fihla qalong ya diahelo, ba kena tenteng e nngwe, ba eja, ba enwa, ba nka teng silefera le kgauta le diaparo, ba ya di pata; ba boya, ba kena tenteng e nngwe, ba nka tsa teng, ba ya di pata.


Eitse ha Josafate le setjhaba sa hae ba tla ho hapa kgapo, ba fumana diphahlo tse ngata mahareng a ditopo le mesebetsi ya bohlokwa; ba ikgapela yona, ba ba ba sitwa ho e jara, ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba thotha thepa, hobane e ne e le kgolo.


Marena a ditjhaba a baleha, a baleha; mme basadi ba disang matlo ba arolelana kgapo.


Na le tla nne le phomole hara masaka? Mapheo a leeba a apesitswe ka silefera, le masiba a lona ka kgauta e tshehla.


Ho madimabe wena, mosenyi, ya esong ho senngwe, wena, mohapi ya esong ho hapjwe! Etlare ha o se o qetile ho senya, o tla senngwa; ha o qetile ho hapa, o tla hapjwa.


Hobane teng, Jehova, boholong ba hae, ho rona o tla ba jwaloka dinoka, dinoka tse kgolo, moo ho seng le sehlopha sa dikepe tse ka bang le matla a ho sesa teng, ho seng le sekepe se seholo se ka tshelang teng.


Letlotlo la lona leo le le hapileng, le tla hlakolwa ka mokgwa oo ditsie di hlakolwang ka wona; batho ba tla itihela ho lona ka mokgwa oo bookgolane bo welang jwang ka wona.


Sehlotsa se tla tlola jwaloka kgama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tshehla, melatswana e phalle mahalaopeng.


Sheba, le Dedane, le bahwebi ba Tarshishe, le ditawana tsohle tsa teng, ba tla re ho wena: Hleka o tlile ho hapa na? Hleka o bokeletse bongata boo ho tlatlapa thepa, hore o tle o be o ye le silefera le kgauta, o nke le mehlape le mesebetsi, ho hapa thepa e kgolo na?


Ka la boraro, ra lahlela mesebetsi ya sekepe lewatleng ka matsoho a rona.


Empa Modimo o ikgethetse tse hlanyang tsa lefatshe, o tle o swabise tse bohlale; mme tse fokolang tsa lefatshe, Modimo o ikgethetse tsona, o tle o swabise tse matla.


Haele Davida, a nna a phalla, a ena le batho ba makgolo a mane, hobane ho ne ho setse ba makgolo a mabedi ba kgathetseng, ba sitwang ho tshela molapo wa Besore.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ