Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 33:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Pelo ya hao e tla elellwa mehla ya tshoho, mme o tla re: O kae ya neng a nkile buka ya lekgetho? o kae ya neng a lekanya boima ba tjhelete? o kae ya neng a hlahloba ditora?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Pelong ya hao o tla lohotha tsietsi tsa pele: “O kae ya neng a bala dithelo? O kae ya neng a bea tjhelete sekaleng? Se kae sehlwela se neng se bala ditora?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 33:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abrahama o dumela Efrone; Abrahama a lekanyetsa Efrone ditjhelete tseo a di boletseng, bara ba Hethe ba mametse: dishekele tsa silefera tse makgolo a mane tsa tseo ho rekwang ka tsona ho bahwebi.


Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.


Jwale Esekiase, morena wa Juda, a romela ho morena wa Assiria, Lakishe, a re: Ke sitilwe; kgutla ho nna; seo o tla ntjarisa sona ke tla se jara. Morena wa Assiria a lefisa Esekiase, morena wa Juda, ditalenta tse makgolo a mararo tsa silefera, le talenta tse mashome a mararo tsa kgauta.


Le se ke la kgolwa ke Esekiase, hobane ho itswe ke morena wa Assiria: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;


Ka na ka re tsietsing ya ka: Ke tlositswe pela mahlo a hao. Empa o utlwile lentswe la thapedisiso ya ka, ha ke ne ke bitsa ho wena.


Wena ya re hlahiseditseng ditsietsi tse ngata tse bohloko, o tla boela o re fe bophelo, o be o re nyolle maleng a lefatshe.


Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.


O tla tiiswa ke ho loka. Leleka dipelaelo, hobane ha ho letho leo o ka le tshabang; leha e le tshoho, hobane e ke ke ya atamela ho wena.


Ya bohlale o kae na? Ya matla Mangolong o kae na? Mopheakgang wa mehla ena o kae na? Na Modimo ha o a ka wa etsa bohlale ba lefatshe lena bohlanya na?


le dihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Listra, le dihloriso dife le dife tseo ke di mameletseng; empa Morena o ntwetse ho tsona kaofela.


Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ