Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 33:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 E tla ba ya tsamayang tseleng ya ho loka, ya bolelang ka ho loka, ya nyatsang maruo a nkilweng ka matla, ya hlohlorang letsoho la hae le tle le se ke la amohela dineo, ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa merero ya ho bolaya, ya tutubalang mahlo hore a se ke a bona bobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Motho ya metsamao e lokileng, ya puo di ntle, ya hloileng ho rua ka mahahapa, ya sa amoheleng tjotjo, ya sa mameleng merero ya ho bolaya, ya thibelang mahlo a hae hore a se bone bobe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 33:15
43 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha ekaba mehato ya ka e kgelohile tsela ya wona, kapa pelo ya ka ha e lateletse takatso ya mahlo a ka, ditshila tsa ba tsa kgomarela matsoho a ka;


Ho lehlohonolo ba bolokang melao, ba etsang ka ho loka kamehla!


O furallise mahlo a ka tadimong ya lefeela, o ntlhabollele ditseleng tsa hao.


ha a adime tjhelete ya hae ka phahello, ha a amohele mpho ho tswa ya se nang molato. Ya etsang jwalo, a ke ke a sisinyeha le ka ho sa yeng kae.


Mora ka, ekare ha baetsadibe ba rata ho o hoka, o se ke wa ba wa dumela.


Mora ka, o se ke wa ya ka tsela ya bona, o fapose leoto la hao mmileng wa bona.


Ya tsamayang ka ho loka o tsamaya ka kgotso; empa ya kgopamisang metsamao ya hae o a tsebahala.


Ya ineelang leruo le sa lokang o sotofatsa ntlo ya hae; haele ya hloileng dimpho tse hokang, o tla phela.


Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?


Ke moo lesedi la hao le tla tjhaba jwaloka mafube a meso, ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela; ho loka ha hao ho tla o etella pele, kganya ya Jehova e o sale morao.


Bona, ke opa ka diatla tsa ka ka baka la leruo leo o le ruang, le ka baka la madi ao o a tshollang, a leng teng ha eno.


Molao wa nnete o ne o le molomong wa hae, bolotsana bo ne bo sa fumanwe molomong wa hae; o ne a tsamaya le nna ka kgotso le ka ho loka, o bile a kgutlisa ba bangata bokgopong.


Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.


a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


O se ke wa fapoha ho loka, mme o se ke wa ya ka tshobotsi ya batho; o se ke wa amohela dimpho; hobane mpho e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e kgopamisa dipolelo tsa ba lokileng.


Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.


Bana, le se ke la thetswa ke motho: Ya etsang ho lokileng o lokile, jwalokaha le yena a lokile;


Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ