Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 33:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka ha e beswa, di tjheswe ka mollo jwaloka meutlwa e remilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka, di tjhe jwaloka fate tsa leoka tse remilweng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 33:12
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha di ka mpokanela jwaloka dinotshi, di tla tingwa jwaloka mollo wa meutlwa. Ruri, ka lebitso la Jehova, ke tla di qhalanya.


Lesedi la Iseraele le tla fetoha mollo, Mohalaledi wa hae e be kgabo e tla tjhesa le ho fedisa meutlwa le dibajwa tsa hae, di tjhe ka tsatsi le le leng feela.


Ha ke sa na bohale; leha ho le jwalo, ha nka kgahlana le dibajwa le meutlwa, ke tla lwana le tsona, ke itihele ho tsona, ke di tjhese kaofela ha tsona.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Ka baka leo, Morena a ke ke a kgahliswa ke ba batjha ba sona, a ke ke a hauhela dikgutsana le bahlolohadi ba sona, etswe e le ba kgopo le ba bolotsana kaofela ha bona, mme molomo wa e mong le e mong o bua dinyefolo feela. Ha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Hobane bolotsana bo hotetse jwaloka mollo; bo tjhesa meutlwa le dibajwa, bo tukisa meru e teteaneng, mme eo e fella mosing o lopallang hodimo.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Moabe — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo, ba a etsa molora;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ