Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 31:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane tsatsing leo, e mong le e mong o tla lahla medimo ya hae ya silefera, le medimo ya hae ya kgauta, eo le iketseditseng yona ho etsa sebe ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ka letsatsi leo, e mong le e mong o tla furalla medimo ya hae ya bohata, ya silefera le ya kgauta, eo a iketseditseng yona ka matsoho a hae a boetsadibe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 31:7
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha a sa tla hlola a sheba dialetare, tseo e leng mosebetsi wa matsoho a hae, mme ha a sa tla hlola a tadima ho tseo a di bopileng ka menwana ya hae, leha e le diashera, leha e le ditshwantsho tsa letsatsi.


Mohlang oo, motho o tla lahlela dikgwi ti le bommankgane ditshwantsho tsa hae tsa silefera le tsa kgauta, tseo a neng a iketsetsa tsona hore a di kgumamele;


Mme ditshwantsho tsa lona tse betlilweng tse apesitsweng ka silefera, le ditshwantsho tsa lona tse tsholotsweng tse manehilweng ka kgauta, le tla di tshela ditshila, le di lahle jwaloka manyala, ka ho re: Tswang!


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Wena Efraime, ke na le taba efe le ditshwantsho? Ke nna ke mo utlwang, ke mo lebelang; nna, ke jwaloka sefate sa kiprese se setala, tholwana ya hao e fumanwa ho nna.


Erekaha Efraime a atisitse ho haha dialetare ka ho seba, dialetare di tla mo sebisa.


Le tla tjhesa ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona; o se ke wa lakatsa, mme o se ke wa inkela silefera, leha e le kgauta tse ho tsona, esere hoo ya eba sefi ho wena; hobane ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ