Esita le mahosana wohle a baprista le sona setjhaba, ba nna ba ya ba atisa ditshito tsa bona ka ho ya ka manyala wohle a ditjhaba; mme ba silafatsa ntlo ya Jehova eo a neng a e halaleditse Jerusalema.
Ho madimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ya bona, ba etsang mesebetsi ya bona lefifing, ba reng: Ya re bonang ke mang? Ya re lemohileng ke mang?
Ha o a ka wa di utlwa le hanyenyane, ha o a ka wa di tseba, mme ditsebe tsa hao ha di a ka tsa bulelwa tsona pele, hobane ke tsebile hoba o lehata, le hoba o bitsitswe moikgantshi esale o etswa popelong ya mmao.
Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.
Eya, o bolele mantswe ana ka nqa leboya, o re: Kgutla, Iseraele mokwenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka o sosobanyetsa sefahleho, hobane nna ke mohau, ho bolela Jehova, nke ke ka nna ka losa disuwa kamehla.
Kgutlang, bana ba kwenehileng, ho bolela Jehova, hobane ke nna monga lona. Ke tla le nka e mong motseng o mong, ba babedi molokong o mong, ke le busetse Sione.
Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?
Ere ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlelang ho nna, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla kgutlela ho lona, ho bolela Jehova wa makgotla.
empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.