Isaia 30:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)29 Le tla bina jwalokaha ho binwa ka bosiu ba mokete, pelo tsa lona di thabe ka thabo e tshwanang le ya ba tsamayang ka molodi wa phala, ha ho uwa thabeng ya Jehova, lefikeng la Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE29 Empa lona le tla bina difela, jwaloka mohla bosiu ba mokete o halalelang, pelo tsa lona di nyakalle sa ba letsang makodilo, ba a letsa ba eya thabeng ya Morena, ba eya ho Lefika la Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.