Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 30:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ngwedi ya kgwedi e tla tshwana le kganya ya letsatsi, mme kganya ya letsatsi e tla eketswa hasupa, e be jwaloka kganya ya matsatsi a supileng, ka letsatsi leo Jehova a tla tlamella leqeba la setjhaba sa hae, a fodise matetetso a dikotlo tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 30:26
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane o a hlaba, mme a tlamelle leqeba; o a roba, mme matsoho a hae a fodise.


Mme ha ho sa tla etswa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngwa thabeng yohle e halalelang ya ka, hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova, jwalokaha metsi a aparetse lewatle.


Jehova o tla otla Egepeta jwalo; o tla otla, a boele a fodise; ba tla sokolohela ho Jehova, mme o tla mamela thapelo tsa bona, a ba fodise.


Mme kgwedi e tla rothofala, letsatsi le swabe, hobane Jehova o busa thabeng ya Sione le Jerusalema, mme o kganya pela baholo ba hae.


ka baka leo, sebe sena se tla sala ho lona jwaloka sekgeo se helehang, se entseng mpa lerakong le phahameng, mme se phakisetsa ho wa ha lona hanghang.


O tla bolaya Juda jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi e bolawang ka boomo, eo ho seng lengeta le salang, leo motho a ka okgang mollo ifo ka lona, leha e le ho ya kga metsi sedibeng.


Mme ha ho motho ya ahileng Jerusalema ya tla re: Ke bohloko! Setjhaba se ahileng teng se tshwaretswe dibe.


Ke bone mekgwa ya hae; leha ho le jwalo, ke tla mo fodisa; ke tla mo disa, ke busetse matshediso ho yena le ho ba hlomohileng le yena.


Ke moo lesedi la hao le tla tjhaba jwaloka mafube a meso, ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela; ho loka ha hao ho tla o etella pele, kganya ya Jehova e o sale morao.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Hobane ke tla o tlamella, ke fodise maqeba a hao, ho bolela Jehova, hobane ba o bitsa molahluwa, Sione elwa ho sa thweng letho ka yena.


Na ke tla o bolella dife? Kapa nka o tshwantsha le eng, moradi wa Jerusalema? Ke tla o bapisa le eng, ke tle ke o tshedise, morwetsana, moradi wa Sione? Hobane tshenyeho ya hao e kgolo, e kaa ka lewatle; ke mang ya ka o fodisang?


Tloong, a re kgutleleng ho Jehova, hobane ke yena ya re harotseng, o tla re fodisa; o hlathile, o tla re tlamella leqeba.


Hoba ho fete matsatsi a mabedi, o tla re pholosa; la boraro a re emise, re phele pela hae.


Ka tsatsi leo, ke tla tsosa motlotlwane wa Davida o weleng, ke tsose dikgeo tsa lerako la wona; moo o helehileng ke tla o lokisa, ke tle ke o hahe jwaloka mehleng ya boholoholo;


Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.


E tla ba letsatsi le nnotshi, le tsejwang ke Jehova: le ke ke la eba le nyene, leha e le bosiu; empa nakong ya mantsiboya, lesedi le tla ba teng.


Empa haele lona ba tshabang lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke tsatsi la ho loka le nang le poloko mahlaseding a lona; le tla tswa, le be le thale jwaloka manamane a nontshitsweng.


Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.


Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.


Bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng, mme ha ba sa hloka lesedi la lebone, leha e le la letsatsi; hobane Morena Modimo o tla ba bonesa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ