Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 30:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mohlang oo, o tla nesetsa dijalo tseo le tla di lema masimong, bohobe ba hlaku tse medisitsweng ke mobu e tla ba bo nonneng, bo kgorisang; mehleng eo, mehlape ya lona e tla fula makgulong a ahlamileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 30:23
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ho tswa nokeng kgomo tse supileng tsa dithole, tse nonneng, tse ntle ho tadingweng, mme tsa nna tsa fula mohlakeng.


Dikgomo tse ntle tse supileng ke dilemo tse supileng, le diqwapi tse ntle tse supileng ke dilemo tse supileng. Ke toro e le nngwe.


Ka dilemo tse supileng tsa nala, lefatshe la bea ka ho fetisisa.


ba kgora ke nala ya ntlo ya hao, o ba nosa dinokeng tsa menate ya hao.


Modimo o tla re hlohonolofatsa, o tshajwe ke dipheletso tsohle tsa lefatshe!


Mehleng eo, boima ba Assiria bo tla tloswa lehetleng la hao, le joko ya hae molaleng wa hao, joko e robehe ka baka la ho nona ha hao.


Ho lehlohonolo lona ba jalang kahohle naheng e noseditsweng, ba sa kgineng leoto la kgomo le la esele!


Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.


ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.


Jehova o tla o tsamaisa kamehla; o tla kgodisa moya wa hao mohla manyora, a nontshe masapo a hao; o tla ba jwaloka serapa se nosetswang, le jwaloka sediba seo metsi a sona a sa psheng.


Ba tla haha matlo, ba dule ho wona; ba tla hloma merara, ba je ditholwana tsa yona.


Na e mong a ka ba teng hara mafeela a ditjhaba ya nesang pula? Kapa a mahodimo a teng a neang dipula? Na hase wena, Jehova, Modimo wa rona? Le hona re ntse re itshepetse wena, hobane ke wena ya etsang tseo kaofela.


Hobane Iseraele o a ikgantsha, o tshwana le sethole se sa thapeng. Jwale, Jehova o tla ba fudisa, ba be jwaloka konyana feelleng.


Naha e tla beha ditholwana tsa yona; le tla ja, le be le kgore, mme le tla aha ho yona ka boiketlo.


Ekare ha le latela ditaelo tsa ka, mme le boloka melao ya ka, le ya ka yona,


Nako ya ho pola e tla fihlelana le ya kotulo ya merara, mme kotulo ya merara e tla fihlelana le nako ya ho jala. Le tla ja bohobe ba lona, le be le khore, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.


Qelang pula ho Jehova ka nako ya dipula tsa selemo: ke Jehova o hlahisang mahadima; o tla ba nea pula ya modupe, a fe e mong le e mong tse melang tshimong ya hae.


Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!


Empa haele lona ba tshabang lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke tsatsi la ho loka le nang le poloko mahlaseding a lona; le tla tswa, le be le thale jwaloka manamane a nontshitsweng.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


ke tla nesetsa naha ya lona pula, nakong e tshwanelehang, pula ya tsheola le pula ya hwetla, o tle o kotule koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao.


Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ