Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 30:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 30:18
69 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha o boletse hore ha o o bone, leha ho le jwalo, nyewe ya hao o pela wona, o o lebelle.


Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


O itshepele Jehova, o be matla, pelo ya hao e tiye! O itshepele Jehova.


Latswang, le bone hoba Jehova o molemo! Ho lehlohonolo motho ya tshabelang ho yena!


Jehova wa makgotla, ho lehlohonolo motho ya o tshepang!


Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo.


Jehova a feta pela hae, a re: Ke nna Jehova, Jehova, Modimo o mohau, o lereko, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete,


Ya hloko ditabeng o tla bona molemo, ho lehlohonolo ya tshepang Jehova.


Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Ke tla itulela, ke tadime ke le nqalong ya bodulo ba ka, motshehare, ha le sele hantle, leha leru la phoka le le teng, ha letsatsi le tjhesa mohla kotulo.


Mahlo a ikgantshang a batho a tla kokobetswa, boikgohomoso jwa ba baholo bo nyenyefatswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.


Boikgantsho ba batho bo tla fela, boikgohomoso jwa ba baholo bo kokobetswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.


Ka letsatsi leo, ho tla thwe: Bonang ke wona Modimo wa rona, oo re o tshepileng hoba o tla re boloka; ke yena Jehova eo re mo tshepileng; a re nyakalleng, re thabele topollo ya hae.


Ke tla etsa tokelo molao, ho loka e be tokiso; mme sefako se tla ya le setshabelo sa leshano, metsi a hlakole tshirelo ya lona.


Jehova, o re hauhele, re beile tshepo ya rona ho wena! O be thuso ya rona ka hosasa ho hong le ho hong, le poloko ya rona mohla tsietsi!


Jehova o phahamile, hobane o ahile nqalong tse hodimodimo, o tlatsitse Sione ka ho loka le ka toka.


Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.


Esale ke kgutsitse, ke ituletse, ke itshwere; jwale, ke howa jwaloka mosadi ya belehang, ke a fehelwa, ke a sisimoha.


Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.


Ka baka la lebitso la ka, ke dieha ho hlahisa kgalefo ya ka; ka baka la kganya ya ka, ke itshwere bakeng sa hao, ke se ke ka o fedisa.


Mme Jehova wa makgotla o tla ikgodisa ka dikahlolo, Modimo o halalelang o ikgalaletse ka ho loka.


Hobane mehopolo ya ka hase mehopolo ya lona, ditsela tsa lona hase ditsela tsa ka: ho bolela Jehova.


Hobane nke ke ka tseka ka ho sa feleng, le ho halefa ka ho sa yeng kae, hobane pelo ya motho e ne e ka timela pela ka, le yona meya eo ke e entseng.


Hobane nna, Jehova, ke rata ho lokileng, mme ke hloile boshodu le bolotsana; ke tla ba nea meputso ya bona e ba lokelang, ke ba sitse ka selekane se sa feleng.


Esale ho hlaheng, batho ha ba eso ho utlwe, ditsebe ha di eso ho mamele, le mahlo ha a eso ho bone Modimo, haese wena o etsang jwalo ho ba o tshepileng.


Ke tshepile Jehova ya patetseng ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae; ke beile tshepo ya ka ho yena.


Ho lehlohonolo motho ya itshepetseng Jehova, eo tshepo ya hae e leng Jehova.


Eitse hobane ho fete ditshiu tse leshome, lentswe la Jehova la tla ho Jeremia.


Ho lehlohonolo ya lebelang, mme a finyella matsatsing a sekete se le seng se nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e mehlano.


Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.


Ka baka leo, bonang, ke tla mo qeka, ke mo ise feelleng, ke bue tse kgodisang pelo ya hae.


Ke tla tloha, ke kgutlele nqalong ya ka, ke dule teng, ba tle ba be ba ikutlwe dibe tsa bona, ba batle sefahleho sa ka. Tlokotsing ya bona, ba tla tsohela ho tla ho nna.


Le kgathatsa Jehova ka mantswe a lona, mme le re: Re mo kgathatsa kang? ... Ke ha le re: E mong le e mong ya etsang hampe o molemo mahlong a Jehova, mme ke bona bao a kgahlwang ke bona! kapa ha le re: O kae Modimo wa kahlolo?


Yaba o tloha, a ya ho ntatae. Yare ha a sa le hole, ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a itihela molaleng wa hae, a mo aka.


Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


Modimo o mo phahamiseditse letsohong le letona la wona, hore e be yena Morena le Mmoloki ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Empa molao o hlahile hore tlolo e ngatafale; mme moo sebe se ngatafetseng, mohau le wona o ngatafetse kahodimo;


Mme ho ka thweng, ha Modimo, o ratileng ho bonahatsa bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o iphapantse ka pelo e telele haholo le dipitsa tsa bohale, tse bopetsweng tahleho,


e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.


oo Modimo o re atiseditseng wona ka bohlale bohle le ka kelello yohle;


Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.


Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.


Mme le lemohe hobane mamello ya Morena wa rona, ke poloko; jwalokaha Pauluse, ngwanabo rona ya ratwang, a le ngoletse le yena, ka bohlale boo a bo neilweng;


Morena ha a diehise dipallo tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.


Le se ke la hlola le bua ka boikgohomoso, boikgantsho bo se ke ba tswa melomong ya lona; hobane Jehova ke Modimo o tsebang, mme diketso di lekanngwa ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ