Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 30:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Kgelohang tsela, eyang kathoko, lesang ho bea Mohalaledi wa Iseraele pela mahlo a rona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Suthang tseleng, le kgelohele kathoko, le kgaotse ho re bolella tsa Ya Halalelang wa Iseraele!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 30:11
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse eng mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele.


Leha ho le jwalo, ba re ho Modimo: Tloha ho rona! ha re rate ho tseba ditsela tsa hao;


Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,


e leng ba tswang ba bang nyeweng, ba tjhehang ya sa kwekwetleng ditabeng kgotla, ba dihelang ya lokileng ka mashano a bona.


Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena.


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Empa Elimase — ke ho re, senohe, ha lebitso la hae le fetolwa — a ba hanyetsa, a leka ho kgelosa mmusisi tumelong.


Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.


Ke basebi, ke baetselletsi, ke ba hloyang Modimo, ke barohaki, ke baikgantshi, ke baikgohomosi, ke ba qapang dimpe, ke ba sa utlweng baholo ba bona.


Kahobane thato ya nama ke bora ho Modimo; hobane ha e ipee tlasa molao wa Modimo, le ho sitwa e a sitwa.


bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ