Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 29:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwaloka motho ya lapileng ha a ka lora a eja, mme yare ha a tsoha borokong, a utlwe mala a hae a le feela; kapa jwaloka motho ya nyorilweng ha a lora a enwa, empa ha a tsohile, a utlwa hoba o tepeletse, le moya wa hae o kgathetse ke lenyora, ho tla ba jwalo le bongata ba ditjhaba tsohle tse lwantshang thaba ya Sione.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Jwalokaha ya lapileng a ye a lore a eja, ere ha a tsoha a iphumane a ntsa lapile; jwalokaha ya nyorilweng a ye a lore a enwa metsi, ere ha a tsoha a iphumane a kgathetse, a nyorilwe; ho tla ba jwalo le ho matshwele a tjhaba tsohle, ho matshwele a lwantshang Thaba ya Sione.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 29:8
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o romela lengeloi, la ya la timetsa banna ba bahale, le balaodi, le matona a diahelong tsa morena wa Assiria, mme Sankeribe a kgutlela naheng ya hae a hlabilwe ke dihlong. Teng, eitse ha a kene tlung ya modimo wa hae, ba tswileng thekeng la hae ba mmolaya ka sabole.


A ba ke ba hlabiswe dihlong, ba suthe kasanthao, bohle ba hloileng Sione.


Ha eba jwaloka toro phaphamong, wa ba tsosa jwalo, Morena; o entse seriti sa bona ntho feela e nyedisehang.


Bona, ba tla swaba, ba hlabiswe dihlong, bao e leng dira ho wena; ba o lwantshang ba tla ba jwaloka eka ba siyo, ba fele.


Batho ba o tsekisang, o tla ba batla, mme o ke ke wa hlola o ba fumana; ba o lwantshang ba tla etswa lefeela, ba be jwaloka ntho e leng siyo.


Lelala le tea selepe, le sebetsa mollong wa mashala; le se bopa ka noto, le se sebetsa ka matla a matsoho a lona; le be le lape, le fellwe ke matla; leha le sa nwe metsi, le ye le fokole hampe.


Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Wena Ninive, o futuhelwa ke ya tla o hasanya; lebela lerako, disa tsela, itiise letheka, o iphe matla a maholo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ