Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 29:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bongata ba ditjhaba tsohle tse tlang ho lwantsha Ariele le bohle ba patelang motse wona le qhobosheane ya wona, ba o tsietsang, ba tla ba jwaloka toro le pono ya bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Matshwele a tjhaba tsohle tse lwantshang Ariele, a e futuhelang le qhobosheane ya yona, a e futuhele a be a e thibelle, a tla feta sa toro le pono ya bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 29:7
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu.


Ha eba jwaloka toro phaphamong, wa ba tsosa jwalo, Morena; o entse seriti sa bona ntho feela e nyedisehang.


Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Ho yena ditjhaba kaofela di jwaloka hoja di le siyo, o di tadima jwaloka ntho ya lefeela, ya bosawana.


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Wena Ninive, o futuhelwa ke ya tla o hasanya; lebela lerako, disa tsela, itiise letheka, o iphe matla a maholo!


Ka tsatsi leo, ke tla phehella ho timeletsa ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ