Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 29:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ka baka leo, Jehova ya lopolotseng Abrahama o bolella ntlo ya Jakobo, o re: Jwale, Jakobo ha a sa tla ba le dihlong, sefahleho sa hae ha se sa tla hlola se swaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ka baka leo, Morena ya lopolotseng Aborahama o bua tjena ho ba lelapa la Jakobo: “Jakobo ha a sa tla hlola a hlajwa ke dihlong, fahleho sa hae ha se ka ke sa hlola se pudufala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 29:22
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.


O se ke wa tshaba, wena sebokonyana, Jakobo, mosalanyana wa Iseraele; ke nna ke o thusang, ho bolela Jehova; Mohalaledi wa Iseraele ke Molopolli wa hao.


Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.


Moloko wa Iseraele kaofela o tla bewa o lokileng ke Jehova, o ithorise ho yena.


Empa Morena Jehova ke thuso ya ka; ka baka leo, ke mameletse dihlong; ka baka leo, sefahleho sa ka ke se entse jwaloka lehakwe, mme ke tsebile hore nke ke ka tsieleha.


Balopollwa ba Jehova ba tla kgutla, ba tla Sione ka dipina tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng diphatleng, ba fihletse nyakallo le thabo, ho balehile bohloko le masisapelo.


Lebisang mahlo ho Abrahama ntata lona, le ho Sara ya le tswetseng; hobane ke mmitsitse ha a le nnotshi, ka mo hlohonolofatsa, ka mo atisa.


O se ke wa tshaba, hobane o ke ke wa hlajwa ke dihlong; o se ke wa swaba, hobane o ke ke wa tsielwa ke letho, empa o tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, o ke ke wa hlola o hopola maswabi a bohlolohadi ba hao.


Athe o ntata rona; Abrahama yena a ke ke a re tseba, le Iseraele a ka re hana; wena Jehova, o ntata rona, mme lebitso la hao ke Molopolli wa rona, esale hlolehong.


Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.


Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona, e be modisa wa bona bohle; ba tla tsamaya ka ditaelo tsa ka, ba boloke dikomelo tsa ka, ba di etse.


Ke hona ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova ya halaletsang Iseraele, ha di bona sehalalelo sa ka se le hara bona ka ho sa feleng.


Ha ho le jwalo Morena Jehova o re: Jwale, ke tla kgutlisa ba isitsweng kgolehong ba Jakobo, ke utlwele ntlo yohle ya Iseraele bohloko, ke boulelle lebitso la ka le kgethehileng.


Le tla tseba hobane ke hara Iseraele, le hoba nna, Jehova, ke Modimo wa lona, mme ha ho e mong; setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ