Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 29:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Bonang, ho se ho se hokae, mme Lebanone o tla fetoha tshimo ya difate tse behang; haele tshimo, e tla balwa ka ho re ke moru.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Haufinyane, Lebanone e tla fetoha masimo a kgwiti, kgwiti eo e fetohe moru o teteaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 29:17
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ne a fetole dinoka lefeella, le didiba tsa metsi naha e tshehla.


A fetola lefeella naha ya metsi, le naha e tshehla didiba tsa metsi;


Ha ba ntse ba haola ka kgohlo ya Baka, ba e fetola kgohlo ya didiba, mme pula ya hwetla e e apesa ka nala.


ho fihlela moya wa lehodimo o tshelwa hodima rona, le lefeella le fetoha serapa, le serapa se tshwana le moru.


Ke tla medisa kedare naheng e tshehla, le leoka, le mirte, le mohlwaare; ke hlome kiprese naheng e omeletseng, e mele hammoho le pine le fire;


ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.


Bakeng sa sehlahla ho tla mela kiprese, le mirte sebakeng sa moutlwa, mme hoo ho tla tumisa lebitso la Jehova, e be kgopotso e sa feleng, e ke keng ya fediswa.


Setjhaba se halalelang sa hao se kile sa rua naha ho se hokaenyana; dira tsa rona di hataketse sehalalelo sa hao.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.


Hobane Jehova wa makgotla o bolela, o re: Ke sa tla sisinya hang, haufinyane, lehodimo le lefatshe, lewatle le moo ho omileng.


Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao, mme ba morao e tla ba ba pele.


Ka baka leo, ke re ho lona: Mmuso wa Modimo le tla o amohuwa, mme o tla newa setjhaba se seng se tla beha ditholwana tsa wona.


Hobane ho se ho se hokae, mme ya tlang ho tla o tla hlaha; a ke ke a dieha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ