Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 29:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Kahoo tjhaba sena ke tla boela ke se makatsa, ke se etsetsa dimakatso tse ngata. Bohlale ba bahlalefi ba sona bo tla fela, kelello ya ba nang le kelello e nyamele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 29:14
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O isa baeletsi kgolehong ba hlobodisitswe, o tsietsa baahlodi;


O tshwasa diqweleqwele manong a tsona, mme morero wa ba lonya o a o heletsa.


Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


Hobane Jehova o tla ema jwalokaha a entse thabeng ya Peratsime, o tla halefa jwalokaha a entse sekgutlong sa Gibeone, a tle a sebetse mosebetsi wa hae: mosebetsi wa hae ke o makatsang; a etse ketso ya hae: ketso ya hae ke e tsotisang.


ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.


Oho Jehova, o re kgelosetsang ditsela tsa hao, o thatafaletsang dipelo tsa rona, re ke re lese ho o tshaba? Rekoloha ka baka la bahlanka ba hao, e leng meloko ya lefa la hao!


e leng makgopo a lona le makgopo a bontata lona hammoho, ho bolela Jehova, ba neng ba tjhesa dibano hodima dithaba, ba ntlotlolla le hodima maralla; ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa difubeng tsa bona moputso wa diketso tsa bona tsa pele.


Ke tla fedisa morero wa Juda le wa Jerusalema nqalong ena, ke ba dihe ka lerumo pela bao e leng dira ho bona, le ka letsoho la ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona ke di neele manong a lehodimo le dibatana tsa naha, di tle di jewe ke tsona.


Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, na nke ke ka timetsa ba bohlale naheng ya Edomo, le kutlwisiso thabeng ya Esau?


Bonang ditjhabeng, le tadime, le be le makale, le re tsi! hobane mehleng ya lona, ke tla etsa mosebetsi! Le ke ke la o dumela, leha le ka o bolellwa.


Hobane ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le marena ba ratile ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona, le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha ba ka ba di utlwa.


Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.


Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya pela Modimo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwasa ba bohlale manong a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ