Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 29:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane Jehova o le tshetse ka moya wa boroko, o kwetse mahlo a lona, ke ho re baporofeta, o apesitse dihlooho tsa lona ka lefifi, ke ho re diboni tsa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Morena o le tliseditse sephume sa boroko, o le tutubaditse, lona baporofeta, o le kgurumeditse dihlooho, lona dinohe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 29:10
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahlo a bona a ke a ntshofale, a lese ho bona; matheka a bona a ke a kgwehle kamehla!


bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Ntatao moholo o sitilwe, baruti ba hao ba ikgantsheditse nna.


Ba hlokile tsebo le kelello, hobane ba netilwe mahlo, hore ba se ke ba bona; le dipelo, hore ba se ke ba utlwisisa ka tsona.


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ho tla fela pelo ya morena le pelo tsa ba baholo, baprista ba tla thothomela, baporofeta ba tlakasele.


Ba nnile ba dikadika jwaloka difofu mapatlelong, ba itshilafaditse ka madi, mme diaparo tsa bona di ne di se na ho angwa.


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Baporofeta ba bohata ba ntse ba porofeta, ba re: Le se ke la hlola le porofeta; ba se ke ba nna ba porofeta tse jwalo; dikgalemelo tsa bona ha di fele!


Ke itse: Utlwang he, lona dihlooho tsa Jakobo, lona marena a ntlo ya Iseraele; na hase lona le tshwanetseng ho tseba se lokileng,


Ka baka leo, le tla hlahelwa ke bosiu, e seng ke pono, le ke lefifi, e seng ke tshenolo; letsatsi le tla phirimela baporofeta, lesedi la motshehare le fifale hodima bona.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Modimo o ba neile moya wa bolokwana, le mahlo ao ba sa tlo bona ka wona, le ditsebe tseo ba sa tlo utlwa ka tsona, ho fihlela letsatsi la kajeno.


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


Davida a nka lerumo le nkgwana ya metsi e pela mosamo wa Saule, ba tsamaya ho se ya ba boneng, ho se ya ba lemohileng, ho robetse bohle, hobane Jehova o ne a ba robaditse boroko bo boholo.


[Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ