Isaia 29:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Ho madimabe wena, Ariele, Ariele, motse oo Davida a neng a hlomile tente ya hae teng! Eketsang selemo ka selemo, le mekete e ye e ntse e hlahlamana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE1 Ariele! Ariele! O madimabe hakaakang! Wena motse oo Davida a kila emisa ho wona! A dilemo di fete ka ho latelana, le mekete ya hao e nne e hlahlamane. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,