Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 28:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 e be yena moya wa kahlolo ho ya dutseng ho ahlola, le matla a ba lelekisang dira ho isa dikgorong tsa motse wa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 E tla ba moya wa toka ho ba okametseng kahlolo, le wa bonatla ho ba phumelang sera kgorong ya motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 28:6
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


A ntoo bea balaodi ba ntwa hodima setjhaba; ba phuthehela ho yena lepatlelong le monyako wa motse, mme a ba kgothatsa, a re:


Ho yena ho na le letsoho la nama, ho rona ho na le Jehova, Modimo wa rona, ho re tlatsa le ho lwana dintwa tsa rona. Mme setjhaba sa itshepisa ka mantswe a Esekiase, morena wa Juda.


Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


Morena ya dutseng tulo ya kahlolo o fedisa bobe bohle ka mahlo a hae.


Hobane o bile setshabelo sa ya fokotseng, le qhobosheane ya ya madimabe matswalong a hae, le tshirelo mohla sefefo, le leswiti ha ho tjhesa letsatsi; hobane moya wa bahlorisi o ne o tle jwaloka sefefo se thulanang le lerako.


Jehova o phahamile, hobane o ahile nqalong tse hodimodimo, o tlatsitse Sione ka ho loka le ka toka.


ha Morena a se a hlakotse ditshila tsa baradi ba Sione, a tlositse madi a Jerusalema teng ka moya wa kahlolo le ka moya o hlokolang.


Dihlooho tsa Juda di tla re pelong tsa tsona: Bao e leng matla a rona ke baahi ba Jerusalema, ka Jehova wa makgotla, Modimo wa bona.


Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.


Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng.


Hobane e mong o newa ke Moya puo ya bohlale; e mong o newa puo ya tsebo ke Moya wona oo.


hobane Jehova, Modimo wa lona, o tsamaya le lona ho le lwantshetsa dira tsa lona, le ho le namolela.


Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ