O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:
Yaba Moshe o bitsa Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a kentseng bohlale pelong tsa bona, e leng bohle ba kgannilweng ke pelo tsa bona ho tla etsa mosebetsi.
Ha ke re, ereha a se a latsitse kahodimo, a ntoo jala aneta, a hase le kumine, a jale koro ka melana, le harese temeng ya yona, le poone ka mathoko na?
Bahlankana ba bane bao, Modimo wa ba fa tsebo le kutlwisiso ya mangolo kaofela le ya bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutlwisiso ya dipono tsohle le ya ditoro.
Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.