Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 28:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ka baka leo, se iketseng basomi, esere mahlaahlela a imela matsoho a lona, hobane ke utlwile ha ho phatlalatswa timetso, e phatlalatswa ke Morena, Modimo wa mabotho, a re lefatshe lohle le tla timetswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 28:22
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dititimi tsa ya le metse naheng ya Efraime le Manasse, ho ya fihla Sabulone; empa ha nna ha tshehwa le ho songwa ka tsona.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.


hobane o robakile menyako ya koporo, a thuhakanya mekwallo ya tshepe.


Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Tsamayang, le ye ho hlabela Modimo wa lona naheng ena.


Dikotlo di beetswe basomi, dithupa di boloketswe mekokotlo ya mawatla.


Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.


Sekehang ditsebe, le utlwe lentswe la ka! Mamelang, le utlwe dipolelo tsa ka.


Ha ke a ka ka itulela mokgatlong wa basomi ho ya ithabela teng; ka mpa ka dula ke nnotshi ka baka la letsoho la hao le ntshwereng, hobane o ntlatsitse ka hlonamo.


Oho Jehova, o kile wa nthetsa, ka thetswa; o kile wa ntiisetsa matla, ka hlolwa. Ke hlile ke entswe ditsheho ka tsatsi lohle, ba ntshoma kaofela.


Lefatshe lena lohle le tla etswa tshenyeho le makatso, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa morena wa Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.


Eitse hobane Jehudi a bale maqephe a mararo, kapa a mane, morena a a seha ka thipana ya mongodi, a a lahlela mollong mashaleng a leifong, ho fihlela lengolo kaofela le tjheswa.


A ntoo honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo ho mo isa Babilona.


Joko ya makgopo a ka e tlamilwe ke matsoho a hae; a thatilwe, a boima molaleng wa ka; o fedisitse matla a ka; Morena o nneetse matsohong a eo ke sitwang ho mo hanela.


Na pelo ya hao e tla tiya, kapa a matsoho a hao a be matla ditshiung tseo ke tla sebetsa ka wena na? Ke nna Jehova ke boletseng, ke tla be ke etse.


Mehopolo ya lona ke efe bakeng sa Jehova? O tla timeletsa ruri; tlokotsi e ke ke ya hlaha habedi.


Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba mo sisinyetsa dihlooho, ba re:


Disenyi tse thakgisitsweng le yena, le tsona di ne di mo hlapaola jwalo.


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


Yare ha ba utlwa taba ya tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re sa tla boela re o utlwe hape hodima taba eo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ