Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 28:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane Jehova o tla ema jwalokaha a entse thabeng ya Peratsime, o tla halefa jwalokaha a entse sekgutlong sa Gibeone, a tle a sebetse mosebetsi wa hae: mosebetsi wa hae ke o makatsang; a etse ketso ya hae: ketso ya hae ke e tsotisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Morena o tla hlaha sa mohla thabeng ya Perasime, kgalefo ya hae e tlokome, sa mohla Kgohlong ya Gibeone, a phethe mosebetsi wa hae o hlollang haholo, a phethe ketso tsa hae tse tsotehang haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 28:21
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o ya Baale-Peratsime, mme Davida a ba qhala teng, a re: Jehova o entse sekgeo direng tsa ka, jwalokaha metsi a ka etsa sekgeo. Ka baka leo, lebitso la teng le bitswa Baale-Peratsime (thota ya dikgeo).


Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme a qhala Bafilesta, ho tloha Gibea, ho ya fihla Gesere.


Ba futuhela Baale-Peratsime; mme Davida a ba qhala hona teng, a re: Jehova o entse sekgeo ka nna direng tsa ka, jwalokaha metsi a etsa sekgeo lerakong. Ka baka leo, lebitso la teng la bitswa Baale-Peratsime.


Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme ba qhala makgotla a Bafilesta ho tloha Gibea ho isa Gesere.


Ke mang ya tlang ho nkemela ho ba bolotsana? Ke mang ya tlang ho nthusa bakeng sa ba etsang bobe?


Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.


Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.


bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


Hobane bana ba hae, mohla ba bonang mosebetsi wa matsoho a ka ho yena, ba tla tlotlisa lebitso la ka; e, ba tla tlotlisa Mohalaledi wa Jakobo, ba hlonephe Modimo wa Iseraele.


Hoja o ka theoha jwaloka mollo o tjhesang hlaha, mollo o bedisang metsi, dira tsa hao di ne di tla tseba lebitso la hao, ditjhaba di ne di tla thothomela pela hao;


e leng makgopo a lona le makgopo a bontata lona hammoho, ho bolela Jehova, ba neng ba tjhesa dibano hodima dithaba, ba ntlotlolla le hodima maralla; ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa difubeng tsa bona moputso wa diketso tsa bona tsa pele.


Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.


Bohle ba fetang ka tsela ba opa ka diatla bakeng sa hao, ba soma, ba sisinya dihlooho bakeng sa moradi wa Jerusalema, ba re: A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ya lefatshe lohle?


Hobane pelo ya hae ha e rate ho utlwisa bohloko le ho hlomodisa bana ba batho.


Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa kgoleho ya rona, ka kgwedi ya leshome, ka la bohlano la kgwedi, mophonyohi e mong wa Jerusalema a fihla ha ka, a re: Motse o hlotswe.


Bonang ditjhabeng, le tadime, le be le makale, le re tsi! hobane mehleng ya lona, ke tla etsa mosebetsi! Le ke ke la o dumela, leha le ka o bolellwa.


Jehova a ba qhalanya pela Baiseraele, a ba bolaela Gibeone haholo; Baiseraele ba ba phallela moepeng wa Bethe-Horone, ba ba timetsa ho ya fihla Aseke le Makkeda.


Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.


Joshua a rapela Jehova, mohla Jehova a neelang Baamore matsohong a bana ba Iseraele, a bua pontsheng ya bana ba Iseraele, a re: Letsatsi, ema hodima Gibeone, le wena kgwedi, sekgutlong sa Ajalone!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ