Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 28:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Selekane sa lona le lefu se tla etswa lefeela, kopano ya lona le nqalo ya bafu e ke ke ya tiya; kotlo e tlang jwaloka morwallo ha e fihla, ka yona le tla ba jwaloka hoja le hataketswe ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Selekane sa lona le lefu se tla fediswa, tumellano ya lona le Nqalo ya Bafu e fediswe. Mohla koduwa e tshabehang e welang lefatshe, e tla le wela hodimo, e le hatakele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 28:18
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le ditora tsohle tse telele, le marako wohle a thata;


Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.


Moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime o tla hatakelwa ka maoto.


Jwale, a nke ke le tsebise seo ke tla se etsa ka tshimo ya ka ya merara hona jwale: ke tla tlosa motero wa yona ke e etse makgulo; ke tla heletsa lerako la yona, e hatakelwe;


Morena Jehova o re: Taba eo e ke ke ya etsahala, e ke ke ya hlaha.


Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.


E tla haola ka naha ya Juda, e phahame, e tswele kantle, metsi a yona a be a fihle molaleng, e otlolle mapheo a yona, e kwahele bophara bohle ba naha ya hao, Emmanuele.


Ke tla fedisa morero wa Juda le wa Jerusalema nqalong ena, ke ba dihe ka lerumo pela bao e leng dira ho bona, le ka letsoho la ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona ke di neele manong a lehodimo le dibatana tsa naha, di tle di jewe ke tsona.


Le hona o tla tswa teng, o rwetse matsoho a hao hloohong, hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng, o ke ke wa fumana thuso ho bona.


Ba phemang lerumo ba tla kgutla lefatsheng la Egepeta, ba boele lefatsheng la Juda, e le batho ba seng bakae; ba setseng ba Juda ba tlileng lefatsheng la Egepeta ho aha teng, ba tla tseba hore na lentswe le tla etsahala ke lefe, kapa ke la ka, kapa ke la bona na?


Ho itswe ke Jehova: Bonang, metsi a ntse a nyoloha, a tswa nqa leboya; a ya ba phororo e itsholohelang, a aparele lefatshe kaofela le bao le tletseng bona, motse le ba ahileng teng. Batho ba tla howa, baahi kaofela ba lefatshe ba bokolle,


Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.


ere ho ba dubang seretse seo se dilang: Lerako le tla heleha! Dikgohola di tla matha, mme lona, majwe a sefako, le tla wa; moya wa difefo o tla puka.


Eo a mpa a mo kwenehela ka ho romela manqosa Egepeta, hore a fuwe dipere le setjhaba se seholo teng. Ya entseng hoo na o tla atleha na? Na o tla phonyoha na? O tlotse selekane; a ka phonyoha na?


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


Ka sekgohola se kgofolang o tla timeletsa nqalo eo ruri, mme bao e leng dira ho yena o tla ba tebella lefifing.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


Mme noha ya phutsalatsa kamora mosadi metsi a ka ka a noka, a tle a nkwe ke wona.


Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ