Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 28:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: ‘Ya dumelang hona o tla ba le mamello.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 28:16
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Empa seqha sa hae se dutse se tiile, mme matla a matsoho a hae a tiisitswe ke matsoho a senatla sa Jakobo, e leng Modisa le Lefika la Iseraele.


Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.


Lejwe le lahlilweng ke bahahi, le fetohile lejwe la ntlha, la motheo.


Ho tla thweng ho ba romilweng ke setjhaba? Ho tla thwe: Jehova o theile Sione, ba madimabe ba setjhaba sa hae ba tshabetse teng.


Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!


Wena ya madimabe, ya otlilweng ke difefo, ya sa tshedisweng ke motho, bona, ke tla kgabisa majwe a hao ka sebilo, ke o thee hodima safire.


jwalokaha o bone lejwe ha le kgephoha thabeng e seng ka matsoho a motho, le robaka tshepe, koporo, letsopa, silefera le kgauta. Modimo o moholo o tsebisitse morena se tlang ho etsahala kamorao ho mehla ena; toro ke ya nnete, mme kwahollo ya yona e tiile.


Ho yena Juda ho tla tswa lejwe la ntlha, ho yena ho tswe kgokgwane, ho yena ho tswe seqha sa ntwa, ho tla tswa le ho yena babusi kaofela hammoho.


Hobane bona, lejwe ke lena leo ke le beileng pela Joshua, hodima lejwe leo le le leng ho na le mahlo a supileng. Ke ya le betla, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla hlakola bokgopo ba lefatshe lena ka tsatsi le le leng.


Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.


Ana ha le eso ho ka le bala lengolo le reng: Lejwe leo bahahi ba neng ba le lahlile, ke lona le entsweng motheo wa sekgutlo?


Hobane Lengolo le re: Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a swaba.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang; hape ho thwe: Mang le mang ya dumelang ho yena, a ke ke a swaba.


Hobane ha ho motho ya ka theang motheo osele ho o setseng o theilwe, e leng Jesu Kreste.


le mohaho o theilweng hodima motheo wa baapostola le wa baporofeta, oo Jesu Kreste e leng yena lejwe la ntlha la wona;


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ