Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 25:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O kokobeditse lerata la basele jwalokaha o kokobetsa lebatama la letsatsi naheng e tjheleng; o fedisitse dipina tsa hlolo tsa bahlorisi, jwalokaha lebatama la letsatsi le fediswa ke leswiti la leru.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 o ka lebatama la letsatsi lehwatateng. Rata la baditjhaba o tla le fedisa; jwalokaha leswiti le kokobetsa motjheso, le pina ya ya sehloho e tla fediswa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 25:5
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A phutholla leru ho ba sireletsa, le mollo ho ba bonesetsa bosiu.


Ke tla otla lefatshe ka baka la bobe ba lona, le ba bolotsana ka baka la makgopo a bona, ke tla fedisa boholo ba baikgantshi, ke kokobetse boikgohomoso ba bahlorisi.


Empa wena, o lahlilwe hole le lebitla la hao, jwaloka lehlomela le lebe le nyatsuwang, le jwaloka kobo ya ba bolailweng ka lerumo, ba lahlelwang lengopeng hara majwe, le jwaloka setopo se hatakelwang ka maoto.


Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Ke tla itulela, ke tadime ke le nqalong ya bodulo ba ka, motshehare, ha le sele hantle, leha leru la phoka le le teng, ha letsatsi le tjhesa mohla kotulo.


Thabeng ena, Jehova wa makgotla o tla etsetsa ditjhaba kaofela mokete wa dijo tse hlabosang, mokete wa diveine tse monate tse nkilweng hodima ditshifa, mokete wa dijo tse hlabosang, tsa moko, wa diveine tse nkilweng hodima ditshifa, tse hlwekileng.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.


O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ