Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 25:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O tla heletsa diqhobosheane tsa marako a hao a phahamileng; o tla di rapalatsa fatshe, leroleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Qhobosheane e marako a phahameng o tla e heletsa, a e heletse, e burame fatshe, a e heletse, e fetohe lerole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 25:12
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla mo etsa letsaba la dihlong, le matsha a ditebetebe, ke mo fiele ka lefielo la tshenyo, ho bolela Jehova wa makgotla.


Boporofeta hodima Moabe: Are-Moabe o patetswe bosiu; o fedile;


le ditora tsohle tse telele, le marako wohle a thata;


Hobane o entse motse sefika sa majwe, qhobosheane e se e le qubu ya lesupi; meaho ya basele ha e sa le motse, ha e sa tla hlola e tsoswa.


Hobane o kokobeditse ba ahileng nqalong tse phahameng; o dihile motse o moholo, o o dihetse fatshe, o o rapaladitse leroleng.


Bakeng sa Moabe, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho madimabe Nebo, hobane o sentswe; Kiryathaime o hapilwe, o hlabisitswe dihlong, Misgabe o hlabisitswe dihlong, o swabile.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Marako a Babilona a sephara a tla ripitlwa, menyako ya hae e phahamileng e tjheswe ka mollo; etlaba ditjhaba di sebeleditse lelea, merabe e ikgathaleditse mollo, mme ba tla fela dipelo.


o re: Babilona o tla tebela jwalo; a ke a se ke a tsoswa ka baka la kotsi tseo ke tlang ho di tlisa hodima hae. Mantswe a Jeremia a kgutla moo.


Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona.


Pelo ya hao e ne e ikgohomositse ka botle ba hao, o ne o bodisitse bohlale ba hao ka baka la bokgabane ba hao; ke o dihetse fatshe ke hona, ke o beile pela marena ho hoboswa.


Ka tumelo, marako a Jeriko a wele, hobane a potolohuwe ka matsatsi a supileng.


Yaba lengeloi le matla le nka lejwe le ka ka lelwala le leholo, la le akgela lewatleng, la re: Ho tla akgelwa jwalo ka matla Babilona, motse o moholo, mme ha a sa tla hlola a fumanwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ