Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.
Ebile Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.
Yaba Eliakime, le Shebna, le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.
Yaba Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.
Yaba o roma Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ho moporofeta Esaia, mora Amotse, ba ikapesitse ka masela a mahwashe.