Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 22:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Morena, Jehova wa makgotla, o boletse, a re: Tloha, o ye ho mmoloki wa leruo, ho Shebna, qhoku ya ntlo ya borena, o re ho yena:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Morena Modimo wa mabotho, a bua, a re: “Eya ho Shebena, e leng ramatlotlo, le molebedi wa ntlo ya kgosi, o re ho yena:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 22:15
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Akishare, modisa wa ntlo; le Adonirame, mora Abda, molaodi wa lekgetho.


Monga ntlo le mong a motse le baholo le bahodisi, ba romela ho Jehu, ba re: Re bahlanka ba hao, re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona; re ke ke ra bea e mong morena; etsa kamoo o ratang kateng.


Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.


Ebile Eliakime, mora Hilkia, le Shebna le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.


Ebile Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.


Hape, a romela Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ba ikapesitse ka masela a mahwashe, ho moporofeta Esaia, mora Amose.


Asmavethe, mora Adiele, a bewa mohlahlobi wa matlotlo a morena; Jonathane, mora Osiase, a bewa mohlahlobi wa mediko e masimong, le metseng, le metsaneng, le ditoreng.


Yaba Eliakime, le Shebna, le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.


Yaba Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.


Yaba Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tswela ho yena.


Yaba o roma Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ho moporofeta Esaia, mora Amotse, ba ikapesitse ka masela a mahwashe.


Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa maruo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ