Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 19:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hoo e tla ba pontsho le bopaki ba Jehova wa makgotla lefatsheng la Egepeta; hobane ba tla howeletsa ho Jehova ka baka la ba ba hlorisang, mme o tla ba romela mmoloki le moemedi, ya tla ba namolela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Tsena e tla ba pontsho le bopaki ho Morena wa mabotho naheng ya Egepeta. Etlare ha ba ipiletsa ho Morena ka baka la bahatelli ba bona, a romele mopholosi ho ba sireletsa le ho ba lopolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 19:20
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.


Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.


Naha ya Egepeta ke tla e neha morena ya thata, e buswe ke morena ya thata: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


ka mokgwa o jwalo, morena wa Assiria o tla ya le ba hapilweng ba Egepeta, le ba hapilweng ba Ethiopia, a ye le ba batjha, le maqheku, ba hlobotse, ba sa rwala dieta, le mokokotlo o le feela, e be dihlong ho Baegepeta.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Ke nna, ke nna Jehova; ha ho mmoloki e mong, haese nna.


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.


Ruri, o Modimo o ipatang, wena Modimo wa Iseraele, wena Mmoloki!


Na ke tla etsang, ho bolela Jehova, ha setjhaba sa ka se tlositswe feela? Ba se etsetsang boima ba ithorisa ka sona, ho bolela Jehova; lebitso la ka le nyefolwa kamehla, ka tsatsi le leng le le leng.


Bakeng sa sehlahla ho tla mela kiprese, le mirte sebakeng sa moutlwa, mme hoo ho tla tumisa lebitso la Jehova, e be kgopotso e sa feleng, e ke keng ya fediswa.


O tla anya lebese la ditjhaba, o anye matswele a marena, mme o tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki le Molopolli wa hao, Ya matla wa Jakobo.


Hobane o itse: Ke setjhaba sa ka, ke bana ba sa ikgantsheng; mme e bile Molopolli wa bona.


ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng wa Davida; ke Kreste, Morena.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;


Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.


Haele bana ba Rubene, le bana ba Gade, ba rea aletare eo lebitso la Ede, ba re: Ke paki ho rona ya hore Jehova ke Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ