Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 19:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jehova o tshetse Egepeta ka moya wa modikwadikwane, hore ba tle ba kgelose Baegepeta diketsong tsa bona kaofela, jwaloka letahwa ha le diadielwa mahlatseng a lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Morena o ba kentse moya, moya wa pherekano, Egepeta e thekesela ho tsohle tseo e di etsang, jwalokaha letahwa le thelliswa ke mahlatsa a lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 19:14
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona jwale, Jehova o kentse moya wa leshano melomong ya baporofeta bao bohle ba hao, athe Jehova o boletse kotsi hodima hao.


Ho wona ho dutse matla le bohlale; ya kgelohileng le ya kgelosang ba matleng a wona.


ba phopholetsa lefifing ho se lesedi, mme o ba diadieisa jwaloka batho ba tahilweng.


Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.


Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.


Lefatshe le thekesela jwaloka motho ya tahilweng, le tetema jwaloka lephephe, le imelwa ke sebe sa lona, le a wa, ha le sa tla hlola le tsoha.


bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.


Badisa ba setjhaba sena ba se kgelosa, ba dumelang ho diswa ba lahleha.


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nwang, le tahwe, le hlatse, mme le we le se na ho tsoha pela lerumo leo ke le romelang hara lona.


Mo tahiseng, hobane o ikgantsheditse Jehova; Moabe a ke a phethohe mahlatseng a hae, le yena a tle a etswe sesomo.


Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Mo tliseng mona ho nna.


Ke ka baka leo Modimo o tlang ho ba romela moya wa thetso o sebetsang ka matla, ba tle ba dumele bohata;


Modimo wa romela moya o mobe mahareng a Abimeleke le beng ba Sikeme, beng ba Sikeme ba ba ba etsa Abimeleke ka lonya,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ