Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 14:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Wena monyako, bobola; wena, motse, o bokolle; wena lefatshe lohle la Filesta, o tsielehe; hobane ho ya tla mosi o tswang leboya; ha ho ya kgathalang makgotleng a dira.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Bokolla wena monyako! Meketsa wena motse! Lona bohle ba Filesitiya thothomelang! Mosi o kang leru o foqoha o etswa leboya, hara mabotho a hae ha ho ya tla salla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 14:31
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Iteleleng, hobane letsatsi la Jehova le haufi, le a tla jwaloka tshenyo e rometsweng ke Ya matla wohle.


Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.


Ka baka leo, Moabe o tla lla hodima Moabe, ba lle kaofela; le tla fehelwa hodima dithako tsa Kire-Haresethe, hobane le ntse le tepeletse haholo.


Ka selemo seo Tharthane a neng a futuhele Ashdode, mohla a rongwang ke Sargone, morena wa Assiria, a ba a patela Ashdode, a o hlola,


Ho setseng ha motse ke lesupi feela; menyako e bolailwe, e robilwe.


Ka letsatsi leo, ho tla binwa sefela sena naheng ya Juda: Re na le motse o matla, Modimo o re nea thuso, e be lerako le tshirelo ho rona.


Dikgoro tsa Jerusalema di tla lla, di be di bokolle; o tla dula fatshe a fetohile lesupi.


Batlang bukeng ya Jehova, le bale! Ha ho le e nngwe ya phoofolo tseo e tla hlokahala, ha ho e nngwe e tla ba siyo, hobane molomo wa ka o boletse; ke moya wa hae o tla di bokella.


Ke tla o etella pele ho latsa makukuno, ho pshatla menyako ya koporo, le ho roba mekwallo ya tshepe.


Jehova a re ho nna: Tsietsi e tlang hodima baahi kaofela ba lefatshe e tla hlaha ka nqa leboya.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, metsi a ntse a nyoloha, a tswa nqa leboya; a ya ba phororo e itsholohelang, a aparele lefatshe kaofela le bao le tletseng bona, motse le ba ahileng teng. Batho ba tla howa, baahi kaofela ba lefatshe ba bokolle,


ka baka la tsatsi le tlang la ho fedisa Bafilesta kaofela, la ho kgaoletsa Tire le Sidone bohle ba siilweng ho ba tlatsa. Hobane Jehova o tla fedisa Bafilesta, e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ