Hape, motseng o mong le o mong wa Juda, a etsa dinqalo tse diphahameng, hore a tjhesetse medimo esele dibano; mme kahoo a halefisa Jehova, Modimo wa bontatae.
Yaba Akase o orohela ho bontatae, mme a patwa motseng wa Jerusalema; empa ha a ka a tliswa mabitleng a marena a Iseraele; mme Esekiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
Hape, Morena Jehova o re: Erekaha Bafilesta ba entse phetetso, mme ba entse tefetso e thata ka baka la kgeso eo ba neng ba na le yona dipelong tsa bona, ba ratile ho timeletsa setjhaba sa ka ka hloyo e sa feleng;
Ashkelone o tla ho bona, a tshohe; le yena Gasa, mme a thothomele haholo; le yena Ekrone, hobane o tla swaba ka baka la tebello ya hae. Gasa o tla timellwa ke morena wa hae, Ashkelone ha a sa tla ahuwa.