Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 14:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha o a ka wa abelwa lebitla le wona, e le kahobane o sentse lefatshe la hao, o bolaile setjhaba sa hao; leloko la ba bolotsana le ke ke la hlola le bolelwa le ka mohla o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 O ke ke be wa epelwa jwaloka kgosi, tsa tjhaba tse ding, hobane o sentse naha ya hao, wa bolaya tjhaba sa heno. Tloholo tsa ba kgopo ha di sa tla hopolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 14:20
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ya, ba re ba mo epela; ba mpa ba se ke ba fumana letho, haese lehata, le maoto le diatla tsa matsoho a hae.


Tlase, metso ya hae e a oma; hodimo, makala a hae a rengwa.


Ha a sa hopolwa lefatsheng, lebitso la hae ha le sa bolelwa mapatlelong.


Ha a siye mora leha e le setloholo hara setjhaba sa hae, meahong ya hae ho hlokahala mosiuwa ya tswang ho yena.


Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, lebitso la hae le timele molokong o hlahlamang.


o tla fedisa moloko wa bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho;


Hobane Jehova o rata ho loka, mme ha a tlohele bakgethwa ba hae; ba bolokwa kamehla; empa lesika la ba babe le tla fediswa.


Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;


Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.


Athe le yena o bohlale, ke kahoo a tlisang mahlomola, mme ha a kgutlise mantswe a hae; ntlo ya ba etsang hampe o tla e tsohela matla, le bona ba thusanang le ba sebetsang bokgopo.


Ka baka leo, Morena a ke ke a kgahliswa ke ba batjha ba sona, a ke ke a hauhela dikgutsana le bahlolohadi ba sona, etswe e le ba kgopo le ba bolotsana kaofela ha bona, mme molomo wa e mong le e mong o bua dinyefolo feela. Ha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ