Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 14:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Empa wena, o lahlilwe hole le lebitla la hao, jwaloka lehlomela le lebe le nyatsuwang, le jwaloka kobo ya ba bolailweng ka lerumo, ba lahlelwang lengopeng hara majwe, le jwaloka setopo se hatakelwang ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 empa wena o lahletswe kantle ho lebitla la hao, wa lahlelwa kantle sa lekala le nyatseha, topo tsa babolauwa di entse setha hodima hao, bona ba ileng ba bolawa ka sabole, bona ba ileng ba theolelwa mohohlong o majwe, ba theolelwa jwaloka setopo se hataketswe ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 14:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ere ho yena: Jehova o re: Na o fela o bolaile, o bile o nkile na? Eketsa o re ho yena: Jehova o re: Moo dintja di nyekileng madi a Nabothe, dintja di tla nyeka le a hao madi.


Mora wa Akabe ya tla shwela hae, o tla jewa ke dintja; ya shwelang naheng o tla jewa ke manong a lehodimo.


Jehu a re ho Bidkare, tona ya hae: Mo nke, o mo lahlele tshimong ya Nabothe wa Jisreele; hopola hobane, mohla re neng re kaletse hammoho le wena, re latetse Akabe ntatae, Jehova o boletse tsuo hodima hae,


E mong le e mong ya fumanwang o tla hlajwa ka lerumo, ba tshwarwang ba bolawe ka tjhaka.


Haele marena wohle a ditjhaba, a epetswe ka hlonepho, e mong le e mong lebitleng la hae.


Bafu ba tsona ba tla lahlwa feela, sebodu se tswe ditopong tsa bona, madi a tsona a phalle dithabeng.


Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Ba tla shwa lefatsheng lena, ba baholo le ba banyenyane, ba sa epelwe, ba sa llelwe, ho sa iphatsetswe, ho sa ikutelwe bona.


O tla epelwa kepelo ya esele, o tla hulanngwa, a lahlelwe kantle ho menyako ya Jerusalema.


Eitse ha ba fihlile hare ho motse, Ishmaele, mora Nethania, a ba bolaya, a ba lahlela lemeneng, a ena le batho bao a nang le bona.


Lemena leo Ishmaele a lahletseng ho lona ditopo kaofela tsa batho bao a ba bolaileng hammoho le Gedalia, ke leo morena Asa a neng a le entse ka ho tshaba Baesha, morena wa Iseraele; ke lona lemena leo Ishmaele a kileng a le tlatsa ditopo.


Mahlatsipa a tle a we lefatsheng la Bakalde, le ba hlabilweng ba we diterateng tsa lona.


Mabitla a bona a beilwe bodibeng ba sehoko, setjhaba sa hae se teetse lebitla la hae hare; ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang.


Ha ba robale ho bahale ba maqai ba weleng, ba theohetseng nqalong ya bafu ba hlomeletse ntwa, bao marumo a bona a neng a bewe tlasa dihlooho tsa bona; empa makgopo a bona a masapong a bona, hobane e ne e le bona letsoso la bahale lefatsheng la ba utlwang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ