Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 14:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ya entseng lefatshe nahathothe, ya rapaladitseng metse ya lona, ya sa kang a lokolla ba kgolehong ya hae na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 yena monna ya ileng a fetola lefatshe nahathothe, yena ya ileng a timetsa metse ya lona, yena ya sa kang a dumella bathopuwa, ho kgutlela ha habo bona?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 14:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba o bonang ba nyarela ho wena, ba o tadimisisa haufi, ba re: Na ke eo monna ya neng a sisinya lefatshe, ya neng a thetheretsa mebuso ya lona,


Haele marena wohle a ditjhaba, a epetswe ka hlonepho, e mong le e mong lebitleng la hae.


Ke nna ke hlahisitseng Siruse ho lokeng ha ka, mme ke tla batalatsa ditsela tsa hae tsohle; o tla tsosa motse wa ka, a lokolle baholehuwa ba ka, e seng ka tefo, e seng ka dimpho; ho bolela Jehova wa makgotla.


Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?


Metse e halalelang ya hao e fetohile nahathothe, Sione ke nahathothe, Jerusalema ke lesupi.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bana ba Iseraele le bana ba Juda ba ile ba tujwa hammoho, bohle ba ba isitseng kgolehong ba ba tiiseditse matla, ba hana ho ba lesela.


Mabitla a bona a beilwe bodibeng ba sehoko, setjhaba sa hae se teetse lebitla la hae hare; ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang.


Ke tla ba otlollela letsoho la ka, ke etse lefatshe la bona lefeella le lebe ho feta lefeella la Dibla, hohle moo ba ahileng teng. Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Kapele ho sona mollo o a tjhesa, le kamorao ho sona lelakabe le a timeletsa. Naha e kapele ho sona, e jwaloka tshimo ya Edene; kamorao ho sona ke sebataolo; ha ho letho le siilweng ke sona.


Se a tshabeha, se a tshoheha; ke sona se itaolelang, se ikgodisang se nnotshi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ