Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 14:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ke tla phahama hodima maru, ke be ke tshwane le Mookamedi ya phahameng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ke tla hlwella kahodimo ho maru, ke itekanye le Ya Phahametseng tsohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 14:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo o mpa o tseba hobane, mohla le di jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, mme le tla ba jwaloka medimo, le tsebe botle le bobe.


Le hoja a ka hola ho isa lehodimong, hlooho ya hae ya fihla marung,


Boporofeta hodima lehwatata la lewatle: O a tla jwaloka sefefo se tsohang ka nqa borwa, o tswa lefeelleng, lefatsheng le tshabehang.


Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.


Jwale, mamela taba ena, wena ya phelang menateng, ya dutseng o sa tshohe letho, wena ya reng pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong, haese nna; nke ke ka ba mohlolohadi; nke ke ka tseba seo ho hloka bana ho leng sona!


Jehova o re: Bonang, ke ya tsosetsa Babilona le ba ahileng naheng ya Leb-Kamai (Bakalde) moya o senyang.


Mora motho, ere ho morena wa Tire: Morena Jehova o re: Erekaha pelo ya hao e ikgohomositse, mme o itse: Ke modimo, ke dutse teroneng ya modimo, mahareng a mawatle! athe o motho, ha o modimo, leha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le ya modimo;


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o itse: Erekaha e iphahamisitse ka boholo ba yona, e bonahaditse ntlha ya yona hara maru, mme pelo ya yona e iphahamisitse boikakasong ba yona,


Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.


A ke ke a hlokomela medimo ya bontatae, leha e le modimo o thabelwang ke basadi, mme a ke ke a re letho ka modimo ofe le ofe, empa o tla ikgohomosetsa yona kaofela;


ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ