Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 14:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O ne o re pelong ya hao: Ke tla hlwella lehodimong, ke bee terone ya ka kahodima dinaledi tsa Modimo, ke dule thabeng ya phutheho pheletsong ya leboya;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 O ile wa bua ka pelo, wa re: “Ke tla nyolohela lehodimong, ke phahamise terone ya ka, ke e phahamisetse kahodimo ho dinaledi tsa Modimo, ke bee terone ya ka thabeng eo ho phuthehelwang ho yona, ke e bee tlhorong e phahameng ya thaba e ka leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 14:13
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le hoja a ka hola ho isa lehodimong, hlooho ya hae ya fihla marung,


Thaba ya Sione e phahame ka botle, ke thabo ya lefatshe lohle; moo e hlanamelang leboya ke motse wa Morena e moholo.


Ho tla etsahala mehleng ya bofelo, hoba thaba ya ntlo ya Jehova e tla bewa hlorong ya dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba kaofela di tla phallela teng.


Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.


Wena ya dutseng dikgorong tsa lewatle, ya hwebang le ditjhaba tsa dihlekehleke tse ngata, Morena Jehova o re: Oho Tire, o ne o re: Ke phethehile botleng.


Mora motho, ere ho morena wa Tire: Morena Jehova o re: Erekaha pelo ya hao e ikgohomositse, mme o itse: Ke modimo, ke dutse teroneng ya modimo, mahareng a mawatle! athe o motho, ha o modimo, leha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le ya modimo;


Na o tla re, o modimo, mahlong a ya tlang ho o hlaba? Athe o motho, ha o modimo, tlasa letsoho la ya o hlabang.


Bua, o re: Morena Jehova o re: Bona, Faro, morena wa Egepeta, ke tla o futuhela, wena kwena e kgolo e bothileng mahareng a dinoka tsa hao, o reng: Noka ya ka ke ya ka ruri, ke nna ke iketseditseng yona.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o itse: Erekaha e iphahamisitse ka boholo ba yona, e bonahaditse ntlha ya yona hara maru, mme pelo ya yona e iphahamisitse boikakasong ba yona,


A ntlisa naheng ya Iseraele ka dipono tsa mohlolo tsa Modimo, a mpea thabeng e telele haholo, eo hodima yona ho nang ho le ntho e kang moaho wa motse, ka nqa borwa.


Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.


Empa mohla pelo ya hae e kokomohang, mme moya wa hae o ikgohomosang ho isa nyefolong, a tloswa teroneng ya hae ya borena, a amohuwa kganya ya hae;


Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?


Ke wona motse oo o nyakaletseng, o neng o dutse ka kgotso, o neng o re pelong ya wona: Ke nna feela, ha ho o mong! ... O fetohile jwang nahathothe, moo ho bothang diphoofolo teng? E mong le e mong ya fetang pela wona o tla letsa molodi, a ba a tsokotse letsoho.


Le wena Kapernauma, ya phahamiseditsweng lehodimong, o tla kokobeletswa nqalong ya bafu; hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno.


Haele wena Kapernauma, ya phahamisitsweng ho fihlela lehodimong, o tla kokobetswa ho fihlela nqalong ya bafu.


ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ