Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Hosea 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O tla kgoptjwa motshehare, moporofeta a kgoptjwe le wena bosiu, mme ke tla fedisa mmao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ka baka leo, o tla kgothometseha motsheare, bosiu moporofeta a kgothometsehe le wena, mme nna ke tla timetsa mmao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Hosea 4:5
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.


Basadi ba bahlolohadi ba bona ba bangata pela ka ka ho fetisa lehlabathe la lewatle; ke tlisitse mosenyi ya senyang motshehare ho ba lwantsha, ho lwantsha mma ba batjha; ke dihetse thothomelo le tlakaselo hodima bona ka sehloho.


Taba e nyatsang baporofeta. Pelo ya ka e robehile kahare ho nna, masapo a ka kaofela a ntse a tetema, ke jwaloka motho ya tahilweng, le jwaloka motho ya hlotsweng ke veine, pela Jehova le pela lentswe le hlwekileng la hae.


Mma lona o hlabisitswe dihlong haholoholo, ya le tswetseng o fetohile mmala: bonang, e se e le setjhaba se katlase ho ditjhaba tsohle, ke lefeella, naha e tshehla le nahathothe.


Mora motho, banna bana ba kgomaretse ditshwantsho tsa bona ka dipelo tsa bona, ba beile lebaka la kgopiso la bokgopo ba bona maloka le bona: Hleka nka dumela ho botswa ke bona na?


Le tseke le mma lona, le tseke le yena! Hobane yena hase mosadi wa ka, le nna ha ke monna wa hae; a tlose bootswa ba hae pela sefahleho sa hae, le bofebe ba hae matsweleng a hae,


hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.


Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng; Iseraele le Efraime ba tla kgoptjwa ke makgopo a bona, ho kgoptjwe le Juda hammoho le bona.


Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.


Empa Jerusalema wa hodimo ha a tlanngwa; ke yena e leng mma rona bohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ