Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka dibetsa tsa hao, o hlaba hlooho tsa bahlabani ba hae, ba tlang jwaloka sefefo ho tla re hasanya, ba bileng ba nyakalla jwaloka hoja eka ba se ba ya ja mafutsana sephiring.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ka metsu ya hae molaodi wa na wa mo hlaba, mohla bahlabani ba neng ba re futuhetse, ba re futuhetse hore ba re qhalanye, ba thabetse ho bolaya bahlophehi, bahlophehi ba neng ba ipatile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 3:14
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O laletse pela metsana; o bolaya ya se nang molato nqalong tse sephiring; mahlo a hae a lalla ya madimabe.


Hobane dira tsa hao di a dumaduma, ba o hloyang ba emisa dihlooho;


Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


Jehova o tla hlaha, a phahame kahodimo ho bona; motsu wa hae o tla hlaha jwaloka lehadima: Morena Jehova o tla letsa terompeta, o tla tsamaya a le difefong tse tswang borwa;


Ba makgolo a mararo ba nna ba letsa diterompeta, mme Jehova a etsa hore e mong le e mong wa Bamidiane a hlabe e mong ka sabole ya hae diahelong tsohle, bohle ba diahelong ba ba ba baleha ho ya fihla Bethe-Shitta, nqa Tserera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, nqa Tabbathe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ