Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ho madimabe ya reng ho lehong: Tsoha! le ho lejwe le semumu: Ema! Na ho tla ruta lona? Bonang, le manehilwe ka kgauta le ka silefera, ha ho moya ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ho madimabe ya reng ho lehong: ‘Phaphama!’ le ho lejwe le semumu: ‘Phahama!’ Na medimo e tjee e ka tseba ho porofeta? E kgabisitswe ka kgauta le ka silefera, empa ka ho yona moya wa bophelo ha o yo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 2:19
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Medimo ya ditjhaba ke silefera le kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho.


e na le ditsebe, mme ha e utlwe, le ka melomo ya yona ha e phefumolohe.


Ba hlabilwe ke dihlong, bona kaofela ba sebeletsang ditshwantsho, ba ithorisang ka medimo ya leshano; medimo kaofela e tla kgumama pela hae.


Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela; ke diriti, ba ke ke ba boela ba utlwa; hobane o ba otlile, o ba fedisitse, o timeditse le ho hopolwa hohle ha bona.


Ya sebetsang o tsholla setshwantsho, lelala la kgauta le se maneha ka yona, le se holeha ka mahlaahlela a silefera.


Ke mang ya boletseng taba eo esale ho hlaheng, re tle re tsebe? Kapa ya e boletseng mehleng ya pele ke mang, re tle re re: Ke nnete? Empa ha ho ya e boletseng, ha ho ya e senotseng, ha ho ya utlwileng dipolelo tsa lona.


Ebe ka koto se seng se setseng o etsa modimo, setshwantsho sa hae, o inama pela sona, o a se kgumamela; o a se rapela, o re: Mpoloke, hobane o modimo wa ka!


Ba ntsha kgauta mekotleng ya bona, ba lekanya silefera ka sekala, ba ipatlela setei, ba se putsa hore ka tseo se ba etsetse modimo, ba tle ba kgumame pela wona, ba o rapele.


Majwana a melatswana ke kabelo ya hao, ke wona lefa la hao; o a tshela ka ditshelo tsa veine, o a beela dinyehelo. Na nka kgodiswa ke taba tse jwalo na?


Motho e mong le e mong o thotofetse, o hlokile tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se tsholotsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.


Hobane mekgwa ya ditjhaba ke bosawana, hobane ho ye ho rengwe sefate morung, se be se sebetswe ke matsoho a mmetli ka selepe.


Ba se kgabise ka silefera le ka kgauta; ba se kgokgothele ka dipekere le ka noto, hore se se ke sa sisinyeha.


Ho latilwe silefera Tarshishe, e teilwe maqephenyana, le kgauta ya Ufase; e sebeditswe ke setei le ke matsoho a moqhibidisi; meaparo ke ya purepera e putswa le e kgubedu, kaofela ha ntho tseo ke mosebetsi wa ba masene.


e leng ba reng ho sefate: O ntate; le ho lejwe: Ke tswetswe ke wena. Hobane ba nneile seholoholo, e seng sefahleho; empa tsatsing la tsietsi ya bona, ba re: Ema, o re pholose.


E kae medimo ya hao eo o iketseditseng yona? E ke e eme, ha e ka o pholosa letsatsing la tsietsi ya hao: hobane wena, Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao!


Motho e mong le e mong o thotofetse, o hloka tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se qhibidisitsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.


Ka baka leo, bonang, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla otla medimo e betlilweng ya Babilona; lefatshe la hae kaofela le tla hlabiswa dihlong, baahi bohle ba hae ba we ho yena ba hlabilwe.


Morena Nebukadnesare o ne a etse setshwantsho sa kgauta, boemo ba sona e le ditswe tse mashome a tsheletseng, botenya ba sona e le ditswe tse tseletseng; a se emisa lehwatateng la Dura, naheng ya Babilona.


Leha ho se jwalo, o tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, re ke ke ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.


Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.


Ha ho le jwalo, eitse ha ba utlwa modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le diletsa kaofela, batho bohle, le ba ditjhaba, le ba dipuo, ba kgumama pela setshwantsho sa kguata seo morena Nebukadnesare a se emisitseng.


o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.


Ba enwa veine, ba ba ba roka medimo ya bona ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe.


Yaba ba sekepe ba tshoha, ba rapela e mong le e mong modimo wa hae; ba ba ba lahlela lewatleng mesebetsi e ka sekepeng, ho fokotsa boima ba sona. Haele Jonase, o ne a theohetse kahare ho sekepe, a sekame fatshe, a robetse haholo.


Ha re le moloko wa Modimo, ha re a tshwanela re ka lekanya hore Modimo o ka tshwana le kgauta, leha e le silefera, leha e le lejwe le betlilweng ka masene le ka kgopolo ya motho.


Mosadi eo o ne a apere purepera le sekarelata, a kgabile ka kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le diperela; letsohong la hae o ne a tshwere pitsa ya kgauta, e tletseng manyala le ditshila tsa bootswa ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ