Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 O tla aparelwa ke dihlong, e seng ke tlotla. Nako ke ya hao jwale, ya hore o nwe! Nwa he, bofeela ba hao bo pepesehe! Senwelo se ka tsohong le letona la Morena, se a pota, se tla be se fihle ho wena, ebe dihlong di aparela tlotla ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 2:16
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.


Ba bohlale ba tla ja lefa la hlompho; haele dithoto, botumo ba tsona ke dihlong.


ka mokgwa o jwalo, morena wa Assiria o tla ya le ba hapilweng ba Egepeta, le ba hapilweng ba Ethiopia, a ye le ba batjha, le maqheku, ba hlobotse, ba sa rwala dieta, le mokokotlo o le feela, e be dihlong ho Baegepeta.


O tla tsodiswa, dihlong tsa hao di bonahale; ke tla iphetetsa, mme nke ke ka qenehela motho.


Ke tla etsa hore ba o hlorisitseng ba je nama ya mmele ya bona, ba tahwe ke madi a bona, jwaloka hoja ba tahilwe ke veine e ntjha; mme nama yohle e tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki wa hao, le hobane nna Molopolli wa hao ke mohale wa Jakobo.


Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se letsohong la ka, o tle o se nose ditjhaba kaofela tseo ke o romelang ho tsona;


Yaba ke nka senwelo letsohong la Jehova, ka nosa ditjhaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona:


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Babilona e ne e le senwelo sa kgauta letsohong la Jehova, se tahisang lefatshe kaofela; ditjhaba tsa nna tsa enwa veine ya hae; ka baka leo, ditjhaba di hlile tsa hlanya.


Thaba, o nyakalle, moradi wa Edomo, ya ahileng lefatsheng la Utse; senwelo se tla fihla le ho wena, le wena o tahwe, o be o hlobole.


O tla tlala botahwa le bohloko; mohope wa Samaria, ngwaneno, ke mohope o thotofatsang, o timetsang.


Ha ba ntse ba ngatafala, ke moo ba ntshitelwang ka ho fetisa; kganya ya bona ke tla e fetola dihlong.


Ka tsatsi la mokete wa morena wa rona, matona a ipabisa ka bohale ba veine, yena o ntshetsa basomi letsoho la hae.


O reretse ntlo ya hao dihlong, ka ho rera ho timeletsa ditjhaba tse ngata, o sitetswe moya wa hao.


Ho madimabe ya nosang wa habo, wena ya tswakanyetsang ba bang seno sa kgalefo ya hao, o bileng o ba tahisa, o tle o tadime bofeela ba bona!


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ