Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 50:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Josefa a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: Ruri, Modimo o tla le etela, mme mohlang oo le tle le tlose masapo a ka kwano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Josefa a re ho bara ba Iseraele, ba ikane hore, mohla Modimo a ba etelang, ba tla tlosa masapo a hae Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 50:25
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntate o ntlhapantshitse, a re: Bona, ke a shwa; o tle o mpate lebitleng la ka leo ke itheketseng lona lefatsheng la Kanana. Ako ntumelle jwale, ke ye ho pata ntate, ke ntoo kgutla.


Empa Modimo wa tsamaisa setjhaba ka tsela e potolohang e lebileng lefeelleng la Lewatle le Lefubedu. Bana ba Iseraele ba tswa naheng ya Egepeta ba hlometse.


Moshe a nka le masapo a Josefa; hobane Josefa o ne a hlapantshitse bana ba Iseraele, a re: Modimo o tla le etela ruri, mme le tle le tlohe kwano le nkile masapo a ka.


mme ke itse: Ke tla le ntsha mahlomoleng a Egepeta, ke le ise lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Mme ditopo tsa bona tsa iswa Sikeme, tsa patwa lebitleng la Abrahama, leo a neng a le reke ka ditjhelete ho bara ba Hamore, Sikeme.


Ka tumelo Josefa, mohla a shwang, o kile a bolela ho tloha ha bana ba Iseraele, mme a ba beela molao bakeng sa masapo a hae.


Le masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba tlile le wona, ha ba etswa Egepeta, ba a pata Sikeme, karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e rekile ho bara ba Hamore, ntata Sikeme, ka ditjhelete tse lekgolo; ya eba lefa la bana ba Josefa.


Naomi a tloha a ena le dingwetsi tsa hae, a tle a kgutle naheng ya Moabe; hobane o ne a utlwile naheng ya Moabe hobane Jehova o etetse setjhaba sa hae, o bile o se file dijo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ