Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 50:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 50:24
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


hobane naha yohle eo o e bonang, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao ka ho sa feleng.


Raoha, o itsamaele le lefatshe lena ka bolele ba lona le ka bophara ba lona, hobane ke tla o fa lona.


Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


A ntoo re ho yena: Ke nna Jehova ya o ntshitseng Ure wa Kalde, ke tle ke o fe lefatshe lena, e be lefa la hao.


Mme a re: Morena Jehova, ke tla tseba kang hoba ke tla le rua?


Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.


Jehova a etela Sara kamoo a neng a boletse kateng, mme Jehova a etsetsa Sara kamoo a neng a mmaletse kateng.


Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.


A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.


Le naha eo ke e neileng Abrahama le Isaaka, ke tla o nea yona; le ditloholo tsa hao tse kamora hao, ke tla di nea naha ena.


Ke tla theohela Egepeta le wena, ke be ke o buse teng, mme Josefa o tla o kwala mahlo.


Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,


Iseraele a re ho Josefa: Bona, ke se ke ya shwa, empa Modimo o tla ba le lona, o le busetse lefatsheng la bontata lona.


Ntate o ntlhapantshitse, a re: Bona, ke a shwa; o tle o mpate lebitleng la ka leo ke itheketseng lona lefatsheng la Kanana. Ako ntumelle jwale, ke ye ho pata ntate, ke ntoo kgutla.


Hobane ke tseba hoba o nkisa lefung, tlung eo ba utlwang kaofela ba tshwanetseng ho phuthehela ho yona.


Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.


Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.


Moshe a nka le masapo a Josefa; hobane Josefa o ne a hlapantshitse bana ba Iseraele, a re: Modimo o tla le etela ruri, mme le tle le tlohe kwano le nkile masapo a ka.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Tloha le setjhaba seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta, le ye fatsheng leo ke le hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa hao.


Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.


mohla batho ba tla tshaba ho ya dinqalong tse phahameng, mme ho tla tsamauwa ditseleng ka ho tshoha; mohla amanda e tla palesa, le tshitwe e tla kgathatsa, le dijo di tla kgobohela motho, hobane o se a ikela tlung ya hae e sa feleng, mme balli ba potoloha lepatlelong;


lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.


Batho bana ba tswileng Egepeta, ho qala ka ya nang le dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo, ba ke ke ba bona naha eo ke hlapantseng, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; hobane ha ba ka ba nkgomarela hantle;


Ka baka leo, jwalokaha sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, mme lefu le kene ka sebe, ka mokgwa o jwalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitilwe bohle.


Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.


Etlere hobane Jehova, Modimo wa hao, a o kenye lefatsheng leo a anetseng bontatao, Abrahama, Isaaka, le Jakobo, hore o tla o nea lona, e leng metse e meholo, e metle, eo o sa kang wa e haha,


Ka tumelo Josefa, mohla a shwang, o kile a bolela ho tloha ha bana ba Iseraele, mme a ba beela molao bakeng sa masapo a hae.


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


Le masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba tlile le wona, ha ba etswa Egepeta, ba a pata Sikeme, karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e rekile ho bara ba Hamore, ntata Sikeme, ka ditjhelete tse lekgolo; ya eba lefa la bana ba Josefa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ