Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 50:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 50:20
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Juda a re ho banababo: Na re tla ruang, leha re ka bolaya ngwanabo rona, ra peta madi a hae na?


Tloong, re mo rekiseng ho Baishmaele, re tle re se ke ra isa matsoho a rona hodima hae, hobane ke ngwanabo rona, nama ya rona. Banababo ba mo dumela.


Eitse ha banababo ba bona hoba ntata bona o mo rata ho fetisa banababo kaofela, ba mo hloya, ba sitwa ho bua le yena ka kgotso.


Yaba Josefa o re ho bona: Le se ke la tshoha; a nka hla ka ipea sebakeng sa Modimo?


Ho molemo ho nna ha ke bile ka kokobetswa, ke tle ke ithute ho mamela dikomelo tsa hao.


Ba tsietsa, ba senya ditaba tsa ka ka dinako tsohle; mehopolo ya bona kaofela e lebile tshenyehong ya ka.


Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.


Empa yena ha a lemohe hobane ho dutse jwalo, ha a lemohe pelong ya hae hobane ho jwalo, empa se ka pelong ya hae ke ho senya le ho fedisa ditjhaba tse ngata.


o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.


Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.


Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ