Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 50:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Le tle le re ho Josefa: Oho! ke a o rapela, ako tshwarele molato wa banabeno le sebe sa bona sa mohla ba o etsang hampe! Mme jwale, re a o rapela hore o tshwarele sebe sa bahlanka ba Modimo wa ntatao! Josefa a lla, ha ba bua le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 ‘Le tle le bue tjena ho Josefa: Re a o rapela hle: Ako tshwarele bana beno molato wa bona le sebe sa bona, hobane ba ne ba o etse hampe.’ Jwale re a o rapela, ako tshwarele molato wa bahlanka ba Modimo wa ntatao.” Josefa a lla ha a utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 50:17
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hojane Modimo wa ntate, Modimo wa Abrahama, o tshajwang ke Isaaka, o se ke wa eba le nna, o ka be o nkgutlisitse ke le feela. Modimo o bone ho hloreha ha ka, le ho kgathala ha diatla tsa ka, mme o o kgalemetse maobane.


Mme jwale, hase lona le nthometseng kwano, ke Modimo; o mpeile hore ke be ntata Faro, le morena wa ntlo ya hae yohle, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.


Modimo wa ntatao o o thusitseng, Ya matla wohle ya o hlohonolofaditseng ka mahlohonolo a lehodimo le o okametseng, le ka mahlohonolo a bodiba bo dutseng katlase, le ka mahlohonolo a matshwele le a popelo.


Yaba ba bolella Josefa, ba re: Ntatao o kile a re bolella a eso ho shwe, a re:


Banababo ba itlisa ka sebele, ba itihela pela hae, ba re: Bona, re bafo ba hao.


Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.


hobane ba o etseditse bolotsana, ba lohile mano, empa ba tla hloka matla;


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahoba a ena le lebitso la morutuwa wa ka, kannete ke re ho lona: a ke ke a timellwa ke moputso wa hae.


Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha e mong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle.


Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona;


Ba leshome ha ba utlwa taba eo, ba qala ho hlonamela Jakobo le Johanne.


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.


Mme haele bohle ba tlang ho ya ka molao oo, kgotso le mohau di be ho bona, le ho Iseraele wa Modimo.


Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ