Yaba o re ho nna: Jehova eo ke tsamayang pontsheng ya hae, o tla roma lengeloi la hae ho wena, a atlise leeto la hao, mme o tla nkela mora wa ka mosadi mofuteng wa ka le tlung ya ntate.
Yaba Jakobo, ntata bona, o re ho bona: Le ntlhokisitse bana! Josefa o siyo, le Simeone o siyo, mme jwale le nkamoha le Benjamine; ditaba tsena kaofela di a mpolaya.
Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.
Elisha a bona hoo, a howeletsa, a re: Ntate, ntate! Koloi ya Iseraele le bapalami ba yona! Ebile ha a sa mmona. A tshwara diaparo tsa hae, a di hahola koto tse pedi.
Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.