Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 49:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Eitse ha Jakobo a qetile ho laela bara ba hae, a busetsa maoto a hae diphateng, a neela moya, a orohela setjhabeng sa habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Ha Jakobo a qetile ho laela bana ba hae, a phutha maoto a hae, a a busetsa betheng, a neela moya, mme a orohela ho bang ka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 49:33
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo mo isa kantle, a re: Lelala jwale, o tadime mahodimo, o bale dinaledi, ha ekaba o ka di bala. Yaba o re ho yena: Ditloholo tsa hao di tla ba kalo.


Dilemo tsa bophelo ba Ishmaele ke tsena: e bile dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng, mme a neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo.


Abrahama a neela moya, a shwa botsofading bo botle, a hodile ho kgodisang; mme a orohela setjhabeng sa habo.


Yaba Isaaka o neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo, a tsofetse, a atetswe ke matsatsi; mme Esau le Jakobo, bara ba hae, ba mo epela.


Jakobo a ntoo bitsa bara ba hae, a re: Phuthanang, ke tle ke le tsebise tse tlang ho le hlahela mehleng e tlang.


A ba laela, a re ho bona: Nna, ke orohela setjhabeng sa heso, le tle le mpate ho bontate, lehaleng le tshimong ya Efrone, Mohethe;


Tshimo le lehaha le ho yona di rekilwe ho bana ba Hethe.


Yaba Josefa o itihela hodima sefahleho sa ntatae, a lla hodima hae, a mo aka.


Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona!


Elisha a shwa, a patwa. Selemo, dihlopha tsa Bamoabe tsa futuhela naheng ya Iseraele.


Empa motho ha a eshwa, o fedile matla; ere ha ya shwang a neela moya, eba o kae na?


Hobane ke tseba hoba o nkisa lefung, tlung eo ba utlwang kaofela ba tshwanetseng ho phuthehela ho yona.


O tla orohela lebitleng la hao ka botsofadi bo botala, jwaloka ngata ya koro, ha e thothwa nakong ya teng.


lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.


Jwale, Monghadi, o lese mohlanka wa hao, a ye ka kgotso, ka polelo ya hao;


Jwale, Jakobo a theohela Egepeta, moo a shwetseng teng le bontata rona.


Ka tumelo Josefa, mohla a shwang, o kile a bolela ho tloha ha bana ba Iseraele, mme a ba beela molao bakeng sa masapo a hae.


phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ