Genese 49:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)28 Ke yona ena meloko kaofela ya Iseraele, e leshome le metso e mmedi, mme ke tsona ditaba tseo ntata bona a di buileng ho bona, a ba hlohonolofatsa, a hlohonolofatsa e mong le e mong ka hlohonolofatso ya hae. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE28 Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka yona nako eo, le leng ka la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Sifane; ha ngolwa kahohle kamoo Mordekai a laelang kateng; ha ngollwa Bajuda le matona a marena, le babusisi le dihlooho tsa dinaha, ho tloha India ho isa Ethiopia, e leng dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ka mongolo le ka puo ya bona.