Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 47:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 A re: Nkanele. Mme a mo anela. Yaba Iseraele o inamela mosamong wa malao a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Iseraele a re: “Ntlhapanyetse!” A mo hlapanyetsa. Iseraele a inamisetsa hlooho mosamong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 47:31
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ntlhapanyetse mona jwale, ka Modimo, hore o ke se ke wa etsa ka bohata ho nna, leha e le ho bana ba ka, leha e le ho ditloholo tsa ka; le hore kamoo nna ke o etseditseng kateng ka molemo, o etse jwalo ho nna le ho naha eo o jakileng ho yona.


Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka,


Yaba monna eo o inama, a kgumamela Jehova,


ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;


Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Nakore, Modimo wa bontata bona o re ahlolele. Yaba le Jakobo o hlapanya ka ya tshajwang ke Isaaka, ntatae.


Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,


Josefa a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: Ruri, Modimo o tla le etela, mme mohlang oo le tle le tlose masapo a ka kwano.


Ntate o ntlhapantshitse, a re: Bona, ke a shwa; o tle o mpate lebitleng la ka leo ke itheketseng lona lefatsheng la Kanana. Ako ntumelle jwale, ke ye ho pata ntate, ke ntoo kgutla.


Hape bahlanka ba morena ba tlile ho boka morena Davida, monga rona, ba re: Modimo wa hao o hodise lebitso la Salomone ho feta lebitso la hao, mme o phahamise terone ya hae ho feta terone ya hao; le morena o bile a kgumama phateng tsa hae.


Ka tumelo, Jakobo, mohla a shwang, o kile a hlohonolofatsa bara ba Josefa ba babedi, mme a rapela a ikokotletse ka ntlha ya lere la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ